16/08/2022
Ha Ramoletsane
Mphephedi phepheletsane, nkgekge senolela batho ditaba,
Utulla diphiri o di behe pepeneneng batho ba hlolwe ke makunutu.
Motseng ha Ramoletsane kajeno kgoba e hlaile kgotla,
Ke letlaburu lang batho ke se mphete ke o fete, ho thunya le lefubedu lerole.
Kajeno mehla e fetohile; Ramatla o fella kgotsong, o fella phate soba.
Ha bang ba iphetotse bo kgwahlana kgolwanyane.
Pinyane ha e senye motse, le hona e bile e metle kantle mme ho cha e mabapi.
Maphelo ke di Baesekopo, Basadi le Bana ha Ramoletsane ba hlabile seboko
(Still to b continued)