Expressions- Transformational Conversations

Expressions- Transformational Conversations We engage in transformational conversations in areas like finances, careers, love and spirituality, often engaging experts.

We believe that change starts within. A renewed mind will propel a woman forward. We also aim to reactivate our femininity. ❤️

Tsoha u il’o sebetsa moratuoa. 🌸🤍🌸
04/09/2026

Tsoha u il’o sebetsa moratuoa. 🌸🤍🌸

Ntho e nngoe e tlo khutlisa kapa e ahe boits’epo ba hau ke ho ithuta lintho tse ncha. Lefats’e lea fetoha, Oa fetoha kap...
03/09/2026

Ntho e nngoe e tlo khutlisa kapa e ahe boits’epo ba hau ke ho ithuta lintho tse ncha. Lefats’e lea fetoha, Oa fetoha kapa oa sala. Ithute ho pheha, ho roka, ho bua ka pela batho, make up, manala, course e ncha. Boits’epo bo hola kapele ha kelello ea hau e bona u etsa ntho eo u neng u sa khone ho e etsa pele. Kelello ea hau e hatisa h**e, ‘Ke na le bokhoni. Haeba ke entse hona nka sitoa ke eng ?’ Haufinyane tjena ke ha ke ithuta ho editer li video. Hola! Fetoha! Ithute!

03/09/2026

Ha e ne e se ka Morena ho ba le rona, sera se ka be se re qetile. O re sireletsa bosiu le mots’eare, bobeng boo re bo tsebang le boo re sa bo tsebeng. Ke lefika le tiileng. Itulele ho eena.

Re tse re le khaolong ea ho khutlisa kapa ho aha boits’epo ba rona re le bo mme. Kajeno re tlo bua ka ho hema pele u ara...
02/09/2026

Re tse re le khaolong ea ho khutlisa kapa ho aha boits’epo ba rona re le bo mme. Kajeno re tlo bua ka ho hema pele u arabela haholo maemong a u koatisang kapa a u halefisang. Tsekisa batho linotlolo tsa maikutlo a hau. Ba bang ba lona batho ba se ba tseba na ba ka penya kae ho u halefisa. E ka ba mosebetsing, baby daddy kapa ena partner ea hau. Ak’u fetole lintho ho tloha kajeno, u heme pele u arabela kapa u nka qeto. Ha ntho e u koatisang e etsahala, nka metsotsoana e ka bang 5 u heme pele u arabela. Nahana pele na ha u tlo ikoahlaha kamorao. Ba bang ba lona batho ba le llisa mehlaena. U ko ts’ehe u ntse u utluile bohloko. U tla lla moo u leng mong. Motho haa u halefisa kapa a u koatisa, u ke u se ke oa mmonts’a h**e u koatile. Bo mme, hema, noa metsi, pele u nka liqeto. Ka tsela ena, ha u na iphumana u ikoahlaha ka lebaka la liqeto tsa hau.

02/09/2026

Phethoho ha se ntho’a bosiu bo le b**g. Molimo ha se maselamose. Batho bao u bonang ba atlehile, ke litholoana tsa lilemo. Mamella. Tiisetsa. Tsoha u il’o etsa se nepahetseng. Tsoha u il’o ts’ella, u hlaolele litoro tsa hau!
Ke u lakaletsa katleho, moratuoa

Lintho tse u potapotileng li susumetsa tsela eo u nahanang ka eona.Sheba batho bao u qetang nako boholo le bona. Ba moo ...
01/09/2026

Lintho tse u potapotileng li susumetsa tsela eo u nahanang ka eona.Sheba batho bao u qetang nako boholo le bona. Ba moo u batlang ho fihla kapa bonyane ba labalabela? Sheba moo u lulang? Le ha e ka ba ntlo e nyane, hloekisa. Etsa bonnete ba h**e tikoloho ea hau e tiisa litoro tsa hau. Ka nako e nngoe e ea malleng le ha u sa lo reka, u ke u lo hema moea o mocha. Eya restaurantng e turu, u reke coffee feela. U tla utloa u tsoselletsehile ho lo lelekisa litoro tsa hau!

01/09/2026

U ka se fane ka seo u se nang sona. Pele u fa batho khotso, e ba le eona kahare; pele u leka ho rata motho e mong, ithate pele.
🌸🤍🌸

Re tsoelapele ka ho aha Boits’epo ‘me kajeno re bua ka mokhoa o mong oa ho khutlisa boits’epo e le ho its’epahalla. Ha u...
31/08/2026

Re tsoelapele ka ho aha Boits’epo ‘me kajeno re bua ka mokhoa o mong oa ho khutlisa boits’epo e le ho its’epahalla. Ha u itse u tlo etsa ntho, its’epahalle. Ha u etsa joalo, u ruta kelello ea hau h**e e ka u ts’epa hobane u motho ea ts’epahalang. Mohlala, ha u itse u tlo tsoha hoseng u bala kapa u ngola kapa u ithuta ntho e itseng, e etse. Haeba u itse u tlo ikoetlisa, etsa joalo. Boloka lits’episo tsa hau! Etsa lintho tseo u itseng u tlo li etsang. Haeba u itse u tlo boloka chelete, etsa joalo. Ha u itse ha u tlo etsa ntho e itseng, seka e etsa. Its’epahalle! Ka tsela eo, u tlo itlhompha hape u tlo its’epa. Its’epahalle! 🌸🤍🌸

Good morning baratuoa,Hopola h**e lintho tse ntle Lia u ts’oanela; hape u lekane. Bekeng ena, hlola! 🌸🤍🌸
31/08/2026

Good morning baratuoa,

Hopola h**e lintho tse ntle Lia u ts’oanela; hape u lekane. Bekeng ena, hlola! 🌸🤍🌸

Address

P. O. Box 2354 Pitso Ground
Maseru
102

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Expressions- Transformational Conversations posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Shortcuts

Share

Category