Evangelist Thabiso lsaac Machaha

Evangelist Thabiso lsaac Machaha

Share

05/04/2021

Molimo O Teng, Molimo O Teng, Molimo O Teng

05/04/2021

Jehova ke Lebitso la Molimo Oa Rona, Eena Ea Etsang Kamoo A Ratang Kateng, Haesale E le Molimo Oa ka, E le Molimo Oa Hau, ho Oa lokeleha h**e maemong ana le a Mang re Mo Hlomphele BoMolimo Ba Hae, etsoe A Halalela. Lumela Moratuoa Oa Molimo, lumela h**e Jesu ke Morena, se ke Oa lumela Eng le eng, empa lumela sena;"Jesu Ke Morena holima Borena, Jesu ke Morena oa bophelo ba Hau."
U ratiloe ke Jehova, mme kea u hlompha ke hona, Khanya Ea Molimo E ho uena. Lumela ngoana Ntate Molimo.

27/11/2020

Esaea 45:2
Ke tla u etella pele, ke batalatse lithaba, menyako ea lethose ke e thuakanye, mekoallo ea tsepe ke e robake

Boteng ba ntate Molimo maphelong a rona ke sona seo re se hlokang, boteng ba hae ke bona be etsang h**e ebe re ba le purpose ea ho phela, ho tseba h**e o teng maphelong a rona ho re tiisa mangoele le ha re kopana le lifefo. Selekaneng sa khale o ne a etella pele bana ba Isirael ka leru motseare mme bosiu eba ka mollo. Joale letsatsing lena o re tiisa mangoele ka h**e o tla re etella pele nthong e ngoe le e ngoe e eo re e rerang kapa eo re batlang ho e etsa.

MorenaJesu o re ho barutuoa ba hae, ha ba ka ba ba le tumelo le ha e le e ka ka tlhaku ea mosetereta, ha ba ka ba laela thaba h**e e suthe e itihele leoatleng e ka etsa. Re kopana li lithaba bophelong mona, re kopana le lintho tse bohloko bophelong mona, ntate Molimo o re le tsona lithaba tseo oa li batalatsa. Mathata ao u kopanang le ona bophelong ba hau ke thaba ea hau, joale e ea ho ntate Molimo ka sebete letsatsing lena hobane o tla batalatsa thaba ea hau. Morena Jesu eena o re e ka re ha u re ho thaba sutha u itihele leoatleng e tla sutha. Joale ha re ithuteng ho bua le maemo e seng ho bua ka eona. Batho ba bangata ba rata ho bua ka maemo hofeta ho bua le ona, mohlala, " nna ke sotlehile, nna kea kula, nna ha kena khotso joalo joalo" iketsetse molemo ka ho laela thaba e teng bophelong ba hau h**e e suthe, re fuoe matla a ho etsa joalo.

Ntate Molimo o re menyako ea tsepe oa e robaka, ha hona taba h**e na satane o koetse ka lemati la mofuta ofeng bophelong ba hau, ha hona taba h**e na batho ba nahana h**e ba u buetse thohako ho le hokae, ntate Molimo o re o thuakanya le eona eno ea tsepe. Ha hona letho le ke keng la etsoa ke ntate Molimo, itseba h**ena u mang ho ntate Molimo, itsebe h**e u na le eng ho ntate Molimo, tseba h**e na ntate Molimo o etselitseng joale o tla tseba ho atamela terone ea hae ka sebete. Amen

Kea le hlompha bo mme le bo ntate, kea u hlompha Prophet Samuel Tsomela, k

27/11/2020

Ntate ea ratehang, ntate oa morena oa rona Jesu kreste le ntate oa rona. U Molimo le hoseng; u ne u le Molimo maobane mme u tla nne u be Molimo le ka ho sa feleng. Kea leboha ntate ka tsireletso ea hau maphelong a rona. Kea leboha ka mohau oa hau maphelong a rona. Rea leboha ka letsatsi lena hape joalo ka a mang a fitileng, rea leboha hobane re tlo thaba le ho nyakalla ho lona ka lebitso la morena Jesu. Itlotlise ntate joalo ka ka mehla. Rea leboha ka naha ea Lesotho hobane ke naha ea khotso, khotso ea hau u le Molimo eseng eo lefatse le re fang eona. Kea leboha ba babusi ba eona hobane ba ea e rata le ho e boulella empa ka ho fitisisa ba rata uena u le Molimo. Kea leboha ka sechaba sa eona hobane ke sechaba se u hlomphang u le Molimo. Kea leboha ka baetapele ba rona ka ho fapana likerekeng tsa rona, kea leboha ka mohau oa hau o maphelong a bona empa ka ho khetholloha ke leboha ka Prophet Samuel le Prophet Matoko, ke leboha ka phahamiso ea hau maphelong a bona ka lebitso la morena Jesu. Kea leboha ka bana ba hau bo mme le bo ntate hobane ba ea tiisetsa ho uena hobane u se u re ba tla tiisetsa ke bona ba tla hlola. Kea leboha hobane ba u bona ka bocha letsatsing lena hobane e mong le e mong ntho eo a neng a sokola ka eona ha ho sa le joalo, le a neng a batla ho hong u mo file hona ka lebitso la morena Jesu. Kea leboha ntate hobane o kena maetong le ba etang, u ea mosebetsi le ba ea teng, u matlafatsa likhoebo ho ba nang le tsona, hape o sala le ba salang hae ka lebitso la morena Jesu. Phahama ntate ea lokileng rona re kokobele Amen.

25/11/2020

Lithaba li so be teng, maoatle a so be teng, leholimo le lefatse li so be teng, nako e so be teng uena u ne u se ntse u le Molimo. Ha u baloe le nako ha u baloe le lilemo hobane u bile teng pele ho tlholeho le lintho tsohle. U mohloli oa lintho tsohle Molimo. Ha u shoe u phela ka ho sa feleng, u phethahetse ha u haelloe ke letho. Jehova ke lebitso la hau, u Molimo ea leng teng, u Molimo ea matla ntoeng, u Molimo ea re hlolelang, u Molimo ea matla ohle, u Molimo ea moholo, u Molimo ea phahamileng, u Molimo ea mosa, u Molimo ea bonolo, u Molimo ea tsoarelang, u Molimo eo lerato la hae le tibileng ho feta leoatle. Ha a eo ea tsoanang le uena, u Molimo ea sa fetoheng empa u Molimo ea fetolang maemo a sa thabising. U ea halalela u ea halalela u ea halalela, u lokile, u ea tsepahala hobane esale u re tsepahalletse hotloha ha u ne u cho joalo oa re u ke ke oa re lahla u ke ke oa re tlohela, oa re ha re feta hara mollo re ke ke ra cha, le ha re tsela linoka tse tletseng li ke ke tsa re nka, le hona joale u sa ntsane u le Molimo eena eno. U hlapantse ka uena ntate hobane ho sena e mong ea moholo ho u feta eo u neng u ka hlapanya ka eena oa re ntho e ngoe le e ngoe eo u itseng u tla etsa le eo u itseng u tla re fa, u tla li etsa hobane u Molimo ea sa fetoheng. U Molimo oa selekane, ha u fetohele selekane, u Molimo ea etsang mohlolo, u Alfa u Omega ebile u Molimo oa hona joale. U Molimo ea senang thaka, u Molimo u le mong fela ha hona e mong ka ntle ho uena. Ke u fa khanya, ke u fa borena, ke u thoriso, ke u fa khumamelo, ke u fa tlhompho, ke u fa poko hobane lia u lokela u le Molimo. Phahama rona re kokobele ka lebitso la morena Jesu Amen.

25/11/2020

SHEBA HO MOLIMO EA SA BONOENG

Jeremia 17:5
Morena o bua tjena, ho ke ho rohakehe ea itsepisitseng batho, eena ea tsepileng matla a letsoho la hae, eo pelo ea hae e furalletseng morena.

Ho malimabe motho ea itsepisitseng ka batho bible e cho joalo. Batho ba bangata ba re ba tsepa ntate Molimo ka lipuo fela liketso tsona li sa cho joalo. Balumeli ba bangata ba tsepile lintho tseo ba nang le tsona le tseo batho ba pela bona ba ka ba etsetsang tsona empa ka lipuo ba re ba tsepile ntate Molimo. Ha u se u qala u lumela h**e ntate Molimo a ka u hahela ntlo hobane u shebile bank account ea hau kapa a ka u qalla khoebo hobane chelete e lumela kapa oa lumela h**e ntate Molimo a ka u etsetsa eng kapa eng hobane fela hona le ntho eo mohlomong o nang le eona e tsoarehang eo u itjoetsang h**e haeba ho sa etsahale kamoo u lumetseng ka teng bonya hona le moo u ka balehelang teng, tseba h**e u malimabe, mme bible e re motho a joalo a rohakehe.

Tsepa ntate Molimo, eena fela u behelletse tseo o nang le tsona ka thoko, u mo lumele ka pelo ea hau eohle u sena letho kapa u na le letho. Mo tsepe ka kutlousiso ea h**e ke eena mophethi oa lintho tsohle, ke eena ea fanang ka tseo re nang le tsona, ke eena ea re etsetsang kamoo re mo kopang kateng. E ea ho eena ka tsepo e felletseng u sa sheba lintho tse u potileng.

Moshe le Baisirael ha ba qeta ho tloha Egepeta hona le moo ba ile ba iphumana ba teetsoe hare ke leoatle le Baegepeta ka morao mme Moshe o ile a sheba ho ntate Molimo ea sa bonoeng mme ntate Molimo a mo fa tharollo. Mohlomomg ba ne ba ka loana ba ba ba hlola hobane ba ne ba tsamaea le ntate Molimo empa Moshe o ile a bitsa ho ntate Molimo mme o ile a mo araba. So ho bohlokoa ho tsepa ntate Molimo linthong tsohle.

Shaderaka, Meshake le Abedenego ba ile ba sheba ho Molimo ea sa bonoeng ha ba ne ba qobelloa ho khumamela ea bonoang ka mahlo, eaba ntate Molimo o ba etsetsa mohlolo oa h**e ba kene ka sebuping se besitoeng ha supa fela ebe ba tsoa ba sa cha le ha e le hona ho nkha

25/11/2020

Ntate Molimo kea leboha hoseng, kea leboha ka mohau oa hau o re tsositseng, kea leboha ha re le bone letsatsi lena joalo ka a mang a fitileng. U motle, u ea tsepahala u lerato, u lokile, u ea halalela u ea halalela u ea halalela, u matla ohle, u moholo, u phahamile ha hona ea tsoanang le uena ntate. Kea leboha ntate re santsane re tla ea litsebelletsong ka ho fapana hobane u re etelletse pele mme u lo itlotlisa ka lebitso la morena Jesu. Kea leboha ntate ka baruti ka ho fapana, kea leboha hobane oa itlotlisa ka bona ka melaetsa eo u ba fileng eona eo ba lo e fitisetsa bathong hona joale ka lebitso la morena Jesu, empa ka ho khetholoha kea leboha ka Prophet Samuel, ke leboha ka bophelo ba hae, kea leboha ka phahamiso ea hau bophelong ba hae hona joale ka lebitso la morena Jesu. Kea leboha ka bo mme le bo ntate bohle le bo ausi le bo abuti bohle ba teng ka tlung ena ea Anointed Lesotho, kea leboha ka phahamiso ea hau bophelong ba bona, le katleho lintho tsohle, le bophelo bo botle, le khotso ntate ea lokileng khotso eo u re sietseng eona ka lebitso la morena Jesu. Itlotlise ntate letsatsing lena ka lebitso la morena Jesu Amen.

16/11/2020

Ntate ea lokileng, ntate ea halalelang, mantsibuoeng ana u ntse u le Molimo, esale u le Molimo ho tloha re so u tsebe mme u ntse u le Molimo le hona joale. U Molimo ea re arabang ha re bitsa ho eena hobane u Molimo ea utloang, u Molimo ea kopanelang le rona mahloki a rona, u Molimo ea tsebang na re feta hara eng re le bana ba hau. Kea leboha ntate hobane u re file matla le sebete sa ho atamela terone ea hau re tseba hobane u tla re etsetsa kamoo re kopang ka teng. Kea leboha ntate ka boteng ba hau kahare ho ntlo ena ea Lesotho le tlotsuoeng. Kea leboha ka moetapele oa eona Apostle and Prophet Samuel le Prophet Matoko le baetapele bohle ba teng ka mona ka mohau oa hau o mo ngata bophelong ba bona, kea leboha ka tsireletso ea hau bophelong ba ba bona, kea leboha ka ngatafalo e teng bophelong ba bona ka lebitso la morena Jesu. Kea leboha ka batho bohle ba teng ka mona hobane oa itlotlisa ntate maphelong a bona ka botlalo ka lebitso la morena Jesu. Kea leboha ntate ka ho tiisetsa hoa bona ho uena ntate, ka ho tsepa uena ntate maphelong a bona, ka ho bona uena fela e seng ho hong maphelong a bona. Ba ekelletse mamello ea ho lula ho uena hobane u re ba tla hlola ke ba tla tiisetsa ho isa qetellong. Itlotlise ka hare ho anointed Lesotho, etsa ntho eo u so e etse ka hare ho anointed Lesotho h**e lefatse le tle le bone h**e u fela u le Molimo ea senang thaka, Molimo ea sa shoeng, Molimo ea matla ohle Molimo ea phethahetseng. Eba Molimo

13/11/2020

LERATO LANTATE MOLIMO
JOHN 3:16
Molimo o ratile lefatse hoo a le neileng mora oa hae ea tsoetsoeng a inotsi h**e emong le e mong ea lumelang ho eena a seke a timela a mpe a be le bophelo bo sa feleng.

Ha hona ntho e re fang phomolo maphelong a rona e fetang ho tseba ho re ntate Molimo oa re rata. Ea pele ntate Molimo hara libupuoa tsohle tseo a li bopileng ke motho fela ea mo entseng ka ho tsoana le eena, ke motho fela eo e leng moea o phelang. Ke motho fela ea fuoeng matla a ho laola libupuoa tsohle, taba ena e bontsa lerato la hae ho rona.

Sebe se ile sa re arohanya le ntate Molimo ha Adam a ne a e ja tholoana, empa ntate Molimo a re bontsa lerato la hae ka ho re fa mora oa hae a le mong eo a neng a mo rata h**e a re shoele libe, h**e e be moetsalibe sebakeng sa h**e rona re loke pela hae le h**e re tsebe ho ba le likamano tse lokileng le eena ha re lumela ho mora oa hae. Hoa rona ke ho lumela ho morena Jesu ebe re bona lerato la hae ka ho felletseng maphelong a rona. Le h**e re be karolo ea lelapa la hae e le Molimo.

O re ke Molimo ea boulelang, taba eena e bontsa lerato le tebileng hobane motho o boulela ntho eo a e ratang. E bontsa hape h**e o re batla re le joalo ha a batle ho re kopanela le eng kapa eng. Ha hona eng kapa eng e ka re arohanyang le lerato lantate Molimo. Lerato la hae le hlola ka ho sa feleng hoa rona ke ho le amohela re hopola h**e ho sa tsotellehe h**e na re feta hara eng eena a ke ke a re lahla kapa ho re tlohela. Ke Molimo ea LERATO. Amen.

Kea le lumelisa bo mme le bo ntate. Ke u hlomphe moetapele oa ka, Prophet Samuel le uena Prophet Matoko le baetapele bohle ka lebitso le letle la morena oa rona Jesu kreste Amen.

13/11/2020

Pharallo ea Mohau, e feta lipelo TSA Rona, empa re neiloe ho qotsa ho ona re abele ba re fosang le ba tlokotsing, le ba SA tsebeng Molimo ka ho boetse re ba ruta Efankheli ea Pako le Pholoho le PolokoHa ho Motsoalle Ea Fetang Jesu. O re hauhetse ho isa ho h**e ho utloe eena bohloko bo neng bo loketse ronaHa Mohau O le teng Bophelong ba Hau, re bona ka Boikokobetso, le moo lefats'e le kekeng LA mamella.

13/11/2020

Jehova Ntate, MORENA le Molimo Oa Rona, U lokile, U EA Halalela, Rona re liphoso, re babe empa Uena U Motle, U Ntate Molimo, kea u tlotlisa, kea u rorisa, ka Lebitso la Morena Jesu, Ke rola lieta, ke rola Khaebana, Hobane ke Bona Boholo Ba Hau. U lokile, U Molimo Hape, Ha U hloloe ke Letho, le mamena ao re ichekelang ona, Uena Ntate U re qobisa Ona, U bile teng, U teng, U tla Lula U le teng, Bophelong ba ka, haesale U Mphihlela Ntate, Ke Maketse Fela, ke phonyoha marabeng a ts'abehang, ka tsela e ts'oanang, ke kopela Bana ba Ntlo ena, h**e le bona ba Pholohe, ba Phonyohe Maraba, Ba Bolokehe khahlanong le lihlabi le mahlabisa lihlong, U lutse Teroneng EA HAU Jehova Oa ka, U hlomphehile, kea leboha ka sebaka sena Sa ho arolelana Lentsoe La Ntate Molimo, U MATLA Ruri, U lokile, U Phahamile, U Molimo EA Sa shoeng. Lebitso la Jesu Kreste le bokoe! Ho Phethahetse, Re Phela Maphelo A tletseng Khotso ka Kreste Jesu.

12/11/2020

Bafilipi 2:9- 11
Ka lebaka leo Molimo o ile a mo phahamisetsa holimo limo, mme a mo fa lebitso le hlomphehang ho feta mabitso ohle, e le h**e ha ho bitsoa lebitso la Jesu, mangoele ohle a leholimong, le a lefatseng, le a ka tlasa lefatse a tle a khumame, mme mangoele ohle a tle a bolele h**e Jesu kreste ke morena, e be tlotliso ho Molimo ntate

Re fuoe lebitso le matla haholo, lebitso la morena Jesu. Lebitso le fuoeng matla a tsabehang leholimong le lefatseng. Lebitso leo re ka bitsang ho lona ho fetola maemo a sa thabising maphelong a rona. Lebitso leo liabolosi le matemona a thothometsoang ke lona. Lebitso leo liabolosi le matemona ba kekeng ba ema khahlanong le matla a lebitso leo.

Ntate Molimo o phahamisitse lebitso lena la morena Jesu ka hofitisisa. O le beile ka holimo ho mabitso ohle. Mabitso ohle a khumama lebitsong lena, ho sa tsotellehe h**e na ke lebitso bofutsana, khotso e siko, HIV, corona, mofetse jlo jlo, mabitso ohle a khumama lebitsong lena. Ka matla a tsebeliso ea lebitso la morena Jesu fela re ka fetola eng kapa eng maphelong a rona kapa ra fihlela eng kapa eng maphelong a rona. Lebitso lena le na le bokhoni ha re bitsa ho lona ka tumelo.

Re tlameha ho sebelisa lebitso la Jesu ka sebete re sa tsabe letho. Ha hona boemo le ha e kaba ba mofuta ofeng kapa ofeng o ka emang matla a lebitso lena pele empa ho hlokahala tumelo ho tloha qalong ho isa qetellong AMEN.

Want your school to be the top-listed School/college in Maseru?

Click here to claim your Sponsored Listing.

Location

Telephone

Website

Address


Ha Shelile
Maseru