08/03/2026
Re leboha haholo ho baetapele ba Foloko Rising Christian Academy ka ho re mema kopanong ea batsoali e neng e tshoaretsoe Crocodile in hotel. Hona e bile monyetla o motle h**e Thusanang Driving School e kopane le batsoali le ho ba tsebisa ka morero oa rona oa ho ruta bana ba bona ho khanna.
Re ile ra hlalosa h**e sepheo sa rona ke ho thusa bacha h**e ba ithute ho khanna ka tsela e sireletsehileng, e nang le boikarabelo le ka botsebi. Re batla ho aha moloko oa bakhanni ba nang le tsebo, ba hlomphang melao ea sephethephethe .
Thusanang Driving School e ikemiselitse ho sebetsa mmoho le batsoali le sekolo ho netefatsa h**e bana ba fumana thuto e nepahetseng ea ho khanna, ho tloha lithutong tsa motheo ho isa ho bokhoni ba ho ba bakhanni ba nang le boikarabello.
Re leboha batsoali bohle ba ileng ba nka nako ya bona ho mamela le ho tshehetsa pono ena. Tshebelisano ea rona e tla thusa ho aha bokamoso bo betere bakeng sa bana ba rona.
Thusanang Driving School – MASTER THE ROAD