Metolong lecsa primary school

Metolong lecsa primary school Metolong LECSA PRIMARY SCHOOL

07/02/2026
05/01/2026

TSE HLOKOANG HO BANA BA KOPANG LIHLAPISO LEKALENG LA NT'SETSO-PELE EA SECHABA!

1. Bana bao malapa abo bona ba amohelang litsiane lekaleng la nt'setso-pele ka buka e t'soeu:

(a) Kopi ea ngoana ea lengolo la tlhaho e hlapant'sitsoeng( Certified copy for birth certificate)

(b) Lengolo la ngoana la sekolo la kamohelo (Admission letter)

(c) Kopi ea boitsebiso ba motsoali kapa ba tsoali e hlapant'sitsoeng ha ba le teng.

(d) Kopi ea lengolo la lefu la batsoali ba ngoana ha ba se ba hlokahetse.

(e) Kopi ea sefahleho sa bukana ea ho amohela litsiane ea ngoana.

(f) Lengolo la sekolo sa mothomo moo ngoana a neng a kena sekolo teng.

2. Bana ba bahloki ba sa fumaneng litsiane lekaleng la Nt'setso-pele ea Sechaba:

(a) Lengolo la morena oa ngoana le hatisitsoeng ka setempe sa morena le pakang bohloki ba lelapa.

(b) Lengolo la mokopi le hatisitsoeng ka setempe sa morena le hlalosang mabaka a kopo ea lihlapiso.

(c) Kopi ea lengolo la tlhaho ea ngoana le hlapant'sitsoeng.

(d) Lengolo la kamohelo ea ngoana sekolong.

(e) Bakeng sa bana ba hlokaheletsoeng ke motsoali kapa batsoali , ba fane ka Kopi ea motsoali kapa batsoali ba bana ea lefu.

(f) Kopi e hlapant'sitsoeng ea boitsebiso ba batsoali ba bana ka kotloloho ha batsoali ba ntse ba phela.

(g) Boemong boo batsoali ba kulang 'me ba sitoa ho it'sematlela, ho hlokoa lengolo la ngaka ea sepetlele sa 'muso le pakang bokulo bo joalo ba motsoali kapa batsoali.

(h) Boemong boo batsoali ba lahlileng boikarabello holima ngoana, ho hlokoa affidavit ea sepolesa.

TLHOKOMELISO:

Likopo li buletsoe ho tloha ka La 2. Pherekhong. 2026 ho fihlela La 31. Pherekhong. 2026.

10/11/2025
04/11/2025

Address

Metolong Ha Makhale
Maseru
MACHACHE130

Opening Hours

Monday 07:00 - 16:00
Tuesday 07:00 - 16:00
Wednesday 07:00 - 16:00
Thursday 07:00 - 16:00
Friday 07:00 - 16:00

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Metolong lecsa primary school posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Shortcuts

Share