Lucky Driving School

Lucky Driving School With us your dreams are fulfilled

29/06/2024

You are still encouraged to drive safely and obey speed limits in this winters.

Hello everyone πŸ‘‹.

17/08/2023

Se ke oa khanna koloi u khathetse kapa u so robale.

Lipalo palo tse ngata tsa li koloua mobileng li bakuoe ke ho khanna ka mokhathala.

Lipatlisiso li supa ha motho a khona ho khaleha a ntse a butse mahlo haele feela a ile a nka nako e telele a eso phomotse mmele, kapa ho robala.

Li supa ha mmele o khona h**e metsotsoana e leshome (10 sec) ho ea tlase mmele o khona ho khaleha motho a ntse a shebile.
Mme ha u le moqhobi... O kaba kotsing kaha...
Tseling tsa lipatlisiso li supa ha koloi e mathang ka lebelo le ka holimo ho lekholo( 100 km/h), e khona h**e metsotsoaneng e meraro ( 3 sec) moqhobi a khalehile e be e tsamaile sebaka sa bolelele ba lebala la bolo le ho feta(100 meters and more), Mme e se tlasa taolo ea moqhobi.

Ke sona se qeteletseng se baka likolua ka bongata mebileng. Ha re ipaballeng.

Tataiso ka tlhokomelo ea koloi.Ntshetso pele( continuation)Koloi ha e le maemong kapa e le ncha e hloka tlhokomelo e nan...
14/08/2023

Tataiso ka tlhokomelo ea koloi.

Ntshetso pele( continuation)

Koloi ha e le maemong kapa e le ncha e hloka tlhokomelo e nang le Lerato.
U khona ho ithuta eona le ho e tseba kaofela ka nako e sa feliseng pelo.

Motho ea ratang koloi ea hae u tseba motsamao oa eona le marei (comfort) a eona ka botlalo ho se tshetiso efe ea se llang moqala ho eona.
Ha ho se ho na le se llang se sitisang motsamao o phethahetseng e hloka e nkeloe khatho ho sala morao moo phoso e leng hona teng.

Koloi li qetoa ke ha re sa natse mathata a manyane a tsona.
Amang u tlohe u bone haa hloke le chelete ho a felisa ampa a hloka letsoho feela ho tiisa ho khoehlileng.

E khona ho lula e ntse e le maemong a bocha ha ele feela u khona ho e utloa moo e itshupang Mme u e nkela likhato tse nepahetseng.

Atamela Lucky Driving school u ithute le Rona ..
Li patala li nyehlile monyetla ke oa Rona Basotho.

U tloha Lucky Driving school ho khanna ho oena ho tshoana le ho tsamaea ka maoto a hau feela.
O ho phethahatsa ka letsoalo le khutsitseng le maiphihlelo.

Re lebohela Lerato la hau πŸ’Ž

14/08/2023

Ha u kena ka koloing hang mathata oohle o a behelle ka thoko kelellong.
Eo ke ntho e hlokang kelello e batsi hee ntho.

Lintho tse ngata ka hare ho tsela li hlaha ka tshohanyetso Mme li hloka kelello e hlaphohetsoeng ho li atamela ka nako.

Ekaba ho nena kotsi .. Kelello e lokela ebe e sebetsa ka pelenyana ho bona menyetla eohle ea ho qoba kotsi eo le ho buA kapa ho laola sepalangoang sa hau.

Mahlakore oohle a eona a lokela ho lula a ntse a lekoloa ka nako Tsohle.
U sebelisa popeho ea eona e phethahaletseng ho etsa mosebetsi oo.
Mohlala ho lekola li ipone (side mirrors) ele ho bona hohle ka pele la ka morao ho eona.

Khatello ea maikutlo ( stress) e lebatsa motho taba tseo tsa bohlokoa ho qeteletse ho etsahetse kotsi.

Motho oa khatello ea maikutlo o lebala ho sheba le matshoao a tsela. Kotsi ho bobebe h**e e ka etsahala.

Lula u bolokehile.

14/08/2023

Take your time dealing with your Car.
You won't regret the good benefits you'll get from it.

13/08/2023

Tataiso ka tlhokomelo ea koloi.

,,,. Pele koloi e kena tulong eo e e abetsoeng ( Parking lot) e shejoa mahlakore ho poota.
Ke ho lokisa setsoalle le eona ka h**e u tla bona le matshoao eo u sa a tloaelang.
Ho ipakela eona ho bohlokoa ele ho sΔ“setsa hantle lebeo la hau.
Ha u ka e bona pono tsa eona hang ha u e paka e u tshoarela tsona ka botle ho boela u e bona hape mosong.

U lokela ho hlompha koloi ea hau pele Mme o tlo tsebe le ho hlompheloa eona.
Taba ea mantlha ke h**e u e tshepahalle kaha le eona e tla u tshepahalla.

E babatse ka makhabane a eona u se e tlohelle e aperoe ke marole a maoba.
E hlatsoe ka mokhoa oo u ka tolang ka teng e tla khanya oena ✨.

Rata koloi ea hau πŸ’ͺπŸ’ŽπŸ’ͺπŸŽοΈπŸš—

All @ Lucky Driving school..

Atamela. Tseba ka koloi ea hau πŸ’ͺ

13/08/2023

Ho Lucky Driving school koloi ha re tsebe ka ho e qhoba feela empa le ka botebo rea e nepa.

Ithute le Rona u tsebe ho matlafatsa tsebo ea hau ka koloi.

Lula u theile tsebe.πŸ’ͺ

13/08/2023

Lumela Morati le mothahaselli oa lucky Driving school.

U ntso fumana litshebeletso ka Lerato le matlafatsang ho Lucky Driving school .

Ako lule u bohile ka hlokolosi leqephe la rona la facebook nakong ea hona joale kaha u kaba monyetleng oa ho ithuta tse molemo tse ka u hahang ka koloi.

Re lebohela Lerato le tshehetso ea hau,πŸ’ŽπŸ’Ž

21/06/2023

With as little as M60 feela u so tseba ho khanna.. 🀷
Lucky driving school is amazing.

Atamela u tlo bona ntho eo ke e buang.

Levi's Nek.

19/06/2023

Available now.. It's an answer to people who have been asking ..
I'm available all the time..

19/06/2023

Get daily training from as little as M60..

Weekly training from as little a M400..

Atamela ha u batla litshebeletso tse feletseng ho kenyeletsa le mangolo.

Hit inbox .. or Whatsapp.. +266 5906 2906

Atamela u thole monate oa ho ithuta koloi ka botlalo.

Re fumaneha Levi'snek.

07/08/2022

Re masoabi ka melaetsa ya lona e sakang ya arajoa. Ke ka mabakanyana ao re ileng ra sitoa ho a qoba empa Tsohle li boetse setloaeling re kopa ho inelloa matsoho metsing Basotho ba batle.

Address

Hlotse
Hlotse

Telephone

+26656890224

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Lucky Driving School posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Shortcuts

Share

Category