21/05/2025
MOPHEME
PART 77
Are:"Mpolelle kemang ao neileng lengolo lee?"
"Motswalle waka ya nthatang haholo, ibile o mphile chelete ena, bona." Yaba o mosupisa sente e ntsho. A tswela pele are "Haoka ntlohela ketla o rekela jwala ka yona chelete ena. Kea tseba mosali wa hao ke sekhoba, ha rate ho phela."
"Oho, nthwena ke lehlanya la nnete hareka raya kaena retla fumana pere ese ile. Hare khutleleng hae ka potlako." Horialo Sekhwahla.
"Lewena o lehlanya, monna, hobane o mpolaela chelete yaka," ke metsi yeo. "Nna nkeke kafa mhlanya a jwalo ka wena jwala baka. Tsamaya, lehlanya towe! Ke ngaka ya mahlolo ohle, empa bahao kebo hlotseng. Haesale ke tswalwa hakeso bone lehlanya le jwalo ka wena. Ntho e nngwe fla yeo nka e etsang keho o romella tlali mothwana yeo tlose lefatsheng. Ke qala ho bona ngwana yasa hlompheng jwalo ka wena o ngwana e mobe."😅
Ha Sekhwahla a fihla hae a fumana pere leyona e nyametse motho wa h**eng a mmolella h**e monga yona oile a enka ka mora h**e a tlohe.
Rehaellwa ke mantse aka hlalosang khalefo ya Sekhwahla. Afumana horr esale sa maoba le maobane. Mopheme osa mo phutlile ka lechoba sefahlehong. Aikana, ahlapanya horr ntho e nngwe fla etlo mo lokisetsa litaba kehomothunya hang fela ka ntle ho puo. Are "Molotsana enwa o bapetse kanna holekana. Mohla re teanang ketla mo hlaba ka lerumo sefubeng" E ojwalo mopheme. Polelo ereng lithoto ke lefa laba bohlale ona e tseba hantle. Habashemane bo Sekhwahla bantse ba ingwaya lihloho, ba botsana litaba, ba hloletswe ona phahetse marole ale hole.
Sasanka mopheme tau ya lithota
O tsamaye o iphoka litshintshi
Bao tshwenyi ba tshware phupe
O bapalise mosela oska bafahla
Bao phallele ba tshware lefela
Ba tshware hlolo ka boya lithoteng
Ba khathale ba ahlame bao tjamele!
PART 78 LOADING... please follow Reel Mork